Absalome, mora Davida, o ne a na le kgaitsedi e ntle, e bitswang Tamare; mme Amnone mora Davida, a mo rata.
2 Samuele 13:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Amnone a tsieleha, a ba a kula ka baka la Tamare, kgaitsedi ya hae; kahobane e be e sa ntsane e le morwetsana, Amnone a sitwa ho mo etsa letho. BIBELE Amanone a tshwenyeha haholo, hoo a bileng a kula ka baka la ho rata kgaitsedie, Tamare. Tamare e ne e sa le morwetsana, mme Amanone a sitwa ho mo etsa letho. |
Absalome, mora Davida, o ne a na le kgaitsedi e ntle, e bitswang Tamare; mme Amnone mora Davida, a mo rata.
Amnone o ne a na le motswalle, lebitso la hae e le Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida. Jonadabe e ne e le motho ya bohlale haholo.
Yaba Akabe o boela hae, a hloname, a halefile ke taba eo Nabothe wa Jisreele a mo arabileng ka yona, kamoo a itseng kateng: Nke ke ka o nea lefa la bontate. A robala diphateng tsa hae, a reteletsa sefahleho sa hae, a hana ho ja bohobe.
Baradi ba Jerusalema, ke a le antsha, ke re: Ha le bona moratuwa wa me, na le tla reng ho yena? ... Le re: Ke bohloko ke lerato.
Hobane ho swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo ho hlahisa pako e pholosang, e sa bakelweng; empa ho swaba ka mokgwa wa lefatshe ho hlahisa lefu.