Bana ba Ammone, ha ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ba kena hae motseng. Yaba Joabe o kgutla ntweng ya bana ba Ammone, a boela Jerusalema.
2 Samuele 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Davida a roma Joabe le bahlanka ba hae le Baiseraele bohle, ba ya, ba senya lefatshe la bana ba Ammone, ba ntoo ya thibella Rabba. Haele Davida, a sala Jerusalema. BIBELE Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di yeng di futuhe ka yona, Davida a roma Joabe, a ena le balaodi ba hae, le bahlabani bohle ba Baiseraele. Ba timetsa Baamone, ba thibella Raba. Empa Davida yena o ne a setse Jerusalema. |
Bana ba Ammone, ha ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ba kena hae motseng. Yaba Joabe o kgutla ntweng ya bana ba Ammone, a boela Jerusalema.
Yaba moporofeta o tla ho morena wa Iseraele, a re ho yena: Iphe matla, o tsebisise, o bontshise seo o se etsang, hobane isao morena wa Siria o tla boya, a o lwantshe.
Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Joabe a tsamaisa makgotla a ntwa, mme a senya lefatshe la bana ba Ammone, a ntoo ya thibella Rabba; Davida yena a sala Jerusalema. Joabe a hlola Rabba, a o heletsa.
Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.
nako e teng ya ho rata, e teng nako le ya ho hloya; nako e teng ya ntwa, e teng nako le ya kgotso.
Ka baka leo, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ke tla hlaba mokgosi wa ntwa ka wona hodima Rabba wa bana ba Ammone, mme o tla etswa qubu ya dithako, metse ya bona e tjheswe ka mollo; mme Iseraele o tla rua lefa la ba neng ba mo ruile, ho bolela Jehova.
Bokolla, Heshbone, hobane Ai o sentswe; howeletsang, baradi ba Rabba, le apare lesela le mahwashe; llang, le sepele marakong a masimo a merara, hobane Malkome o tla iswa kgolehong hammoho le baprista le matona a hae.
O etse tsela e nngwe ya lerumo ho ya Rabba wa bana ba Ammone, e nngwe ho ya Jerusalema, motse o matla wa Juda.
ke tla hotetsa mollo kahara lerako la Rabba, o tle tjhese matlo a teng a borena hara mokgosi, tshiung ya ntwa, hara ditsokotsane, tsatsing la sefefo.
Mme Jehova o tla hlaha, a lwantshe ditjhaba tseo, jwaloka mohla a lwanang tsatsing la polao.
[Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.]
Enere ha marena a Bafilesta a futuha, mohla a futuhang, Davida o ne a etsa ka masene, ho fetisa bahlanka bohle ba Saule, bitso la hae la ba la tuma haholo.