Ba ba ba kgutla, ba tla Ene-Mishpathe, ke ho re, Kadeshe, ba qhala Baamaleke le Baamore ba ahileng Hatsatsone-Thamare, naheng yohle ya bona.
2 Samuele 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane Saule a timele, ha Davida a sa tswa bolaya Baamaleke, Davida a dula Tsiklage tshiu tse pedi. BIBELE Kamora lefu la Saule, ha Davida a tswa hlola Baamaleke, a qeta matsatsi a mabedi Sikelage. |
Ba ba ba kgutla, ba tla Ene-Mishpathe, ke ho re, Kadeshe, ba qhala Baamaleke le Baamore ba ahileng Hatsatsone-Thamare, naheng yohle ya bona.
Mohlang oo, Akishe a mo nea Tsiklage; ka baka leo, Tsiklage ke motse wa marena a Juda le kajeno.
Davida le banna ba hae, ha ba fihla Tsiklage ka la boraro, ba fihlela Baamaleke ba futuhetse nqa borwa ho Tsiklage, ba bile ba kene Tsiklage, ba o tjhesitse.
Ebile Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, a mpolaye, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, hobane le ne le tshohile haholo. Ebile Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.
Saule a shwa jwalo ka lona tsatsi leo, le bara ba hae ba bararo, le lehlahana la hae, hammoho le banna bohle ba hae.