Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 30:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Davida le banna ba hae, ha ba fihla Tsiklage ka la boraro, ba fihlela Baamaleke ba futuhetse nqa borwa ho Tsiklage, ba bile ba kene Tsiklage, ba o tjhesitse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo,

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:1
18 Referencias Cruzadas  

Isaaka o ba a kgutla a etswa sedibeng sa Lakai-roi, hobane o ne a ahile naheng ya Borwa.


Eitse hobane Saule a timele, ha Davida a sa tswa bolaya Baamaleke, Davida a dula Tsiklage tshiu tse pedi.


Ka la boraro, ha tshoha ho fihla monna ya tswang ntweng, ho Saule, a hahotse diaparo tsa hae, a ithuntsheditse ka mobu hloohong. Eitse ha a fihla ho Davida, a itihela fatshe, a kgumama.


A eketsa a re ho nna: O mang na? Ka re ho yena: Ke Moamaleke.


Haele bahlanka ba hae, ba tsamaya kamathoko ho yena; Bakerethe le Bapelethe bohle, le bohle ba Gathe, e leng batho ba makgolo a tsheletseng, ba tlileng le yena ha a tloha Gathe, ba etella morena pele.


Ba tlatsa Davida ho lwantsha Baamaleke, etswe kaofela ha bona e ne e le bahale; mme ba bewa balaodi ba makgotla.


Ka matsatsi wohle, ha nna ha fihla batho ho Davida ho mo tlatsa, ho fihlela ba ba ba etsa sera se seholo, se kang sera sa Modimo.


Yaba ba nka batho ba bona kaofela, ba phalla ho lwantsha Ishmaele, mora Nethania; ba mo fihlela metsing a maholo a haufi le Gibeone.


Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ha ho le jwalo, ke tla ba neela matsohong a Baiseraele, ba se ba bolailwe; o tla poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, o tjhese makoloi a bona.


Tsiklage, Madmanna, Sansanna;


Saule a bolaya Baamaleke, ho tloha Havila, ho ya fihla Shure, o mabapa le Egepeta.


A tshwara le Agage, morena wa Baamaleke, a sa utlwa, a neela setjhaba sohle anathema ka ho se bolaya ka bohale ba lerumo.


Mohlang oo, Akishe a mo nea Tsiklage; ka baka leo, Tsiklage ke motse wa marena a Juda le kajeno.


Jwale, o ke o tsohele hosasa le bona bahlanka ba monga hao ba tsamayang le wena, mme ha le tsohetse hosasa, ha bo esa, le tsamaye.


Ka baka leo, Davida le banna ba hae ba tsoha e sa le hosasa, hore ba kgutlele naheng ya Bafilesta; Bafilesta bona ba ya Jisreele.


Marena a Bafilesta a mpa a mo halefela, mme marena a Bafilesta a re ho yena: Kgutlisa monna eo, a kgutlele moo o mmeileng teng, a se ke a ya ntweng le rona, esebe mohlomong a ka tshoha a iphetola lehlabaphio ho rona hara ntwa. Ana e ka ba ka mokgwa ofe a ka iketsang ya kgahlisang monga hae, haese ka dihlooho tsa banna bana na?


Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos