Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 30:1 - BIBELE

1 Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Davida le banna ba hae, ha ba fihla Tsiklage ka la boraro, ba fihlela Baamaleke ba futuhetse nqa borwa ho Tsiklage, ba bile ba kene Tsiklage, ba o tjhesitse.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:1
18 Referencias Cruzadas  

Isaka o ne a etswa Sedibeng sa Lakai-Roi kaha o ne a ahile naheng e ka borwa.


Kamora lefu la Saule, ha Davida a tswa hlola Baamaleke, a qeta matsatsi a mabedi Sikelage.


Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho.


“A re ho nna: ‘O mang?’ “Yaba ke re ho yena: ‘Ke Moamaleke.’


Bahlanka bohle ba kgosi ba nna ba feta kathoko ho yona: E le Bakerete bohle, le Bapelete bohle, le banna ba makgolo a tsheletseng ba Bagate, ba neng ba sale kgosi morao ha e tloha Gate. Batho bana ba fetela kapele ho kgosi.


Ke bona ba ileng ba thusa Davida ho lwantsha mabothwana a hlaselang, hobane kaofela ha bona e ne e le bahale, e bile e le balaodi ba mabotho.


Ka tsatsi le leng le le leng banna ba nna ba tla ho Davida, ho tla mo thusa, ho fihlela lebotho la hae le eba leholo jwalokaha eka ke lebotho la Modimo.


ba nka bahlabani bohle ba bona, ba futuhela Ishemaele, mora wa Netaniya, ba mo fumana haufi le letsha le leholo la Gibeone.


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ka yona nako ena, ke tla neelana ka bona ho Baiseraele e se e le ditopo. O tla kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona o di tjhese ka mollo.”


le Sikelage le Mademana, le Sanesanna,


Saule a hlola Baamaleke ho tloha Hafila, ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta.


Saule a tshwara Akake, kgosi ya Baamaleke, a ntse a phela. A bolaya setjhaba sohle sa Baamaleke ka sabole.


Ke ha Akishe a mo nea Sikelage ka lona letsatsi leo. Ke ka lebaka leo Sikelage e leng motse wa dikgosi tsa Juda le kajeno-ya-bokajeno.


Ka baka lena, o tle o tsohe e sa le ka madungwadungwana le bahlanka ba monga hao ba tlileng le wena, mme hanghang ha ho qala ho ela, o tsamaye.”


Kahoo Davida le banna ba hae ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita, mme Bafilesita bona ba nyolohela Jesereele.


Empa mahosana a Bafilesita a halefela Akishe, a re ho yena: “Mo kgutlisetse moo o mo fileng bokginapere teng, o se ke wa mo dumella a ya le rona ntweng, esere a fetoha lehlabaphiyo ha theko di teana. A ka etsa kgotso jwang le monga hae, haese ka dihlooho tsa banna baa ba rona?


Re ne re hlasetse naha ya Bakerete e ka borwa ho Juda, le naha e ka borwa ya morabe wa Kalebe, mme ra tjhesa Sikelage ka mollo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos