Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 31:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Saule a shwa jwalo ka lona tsatsi leo, le bara ba hae ba bararo, le lehlahana la hae, hammoho le banna bohle ba hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ka lona letsatsi leo Saule a shwa, le bara ba hae ba bararo, le mojari wa dihlomo tsa hae, le banna bohle ba hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 31:6
14 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane Saule a timele, ha Davida a sa tswa bolaya Baamaleke, Davida a dula Tsiklage tshiu tse pedi.


Ba hlomoha, ba lla, ba itima le dijo, ya ba ya eba mantsiboya, ka baka la Saule, le mora hae Jonathane, le setjhaba sa Jehova, le ntlo ya Iseraele, hobane ba dihilwe ka lerumo.


Ha eshwa jwalo Saule le bara ba hae ba le bararo; ntlo ya hae kaofela ya eshwa hammoho.


Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.


Setjhaba sohle sa ya Gilgale, ba boela ba bea Saule morena pela Jehova; ba hlaba mahlabelo a teboho pela Jehova, mme teng Saule le banna bohle ba Iseraele ba thaba haholo.


Ha ke re, kajena ke nako ya ho hela dikoro na? Ke tla bitsa ho Jehova, mme o tla dumisa diaduma tsa hae, a nese le pula, le tle le tsebe, mme le bone hobane bo boholo bobe boo le bo entseng pela mahlo a Jehova, kamoo le ikopetseng morena kateng.


Ha le ka nna la etsa hampe, le tla timela, lona le morena wa lona.


Davida a eketsa, a re: Ka Jehova ya utlwang, ke yena Jehova ya tla mmolaya; kapa ho tla tjhaba tsatsi la hae la ho shwa, kapa o tla ya ntweng, a timele teng.


Hape, Jehova o tla o neela, wena le Iseraele hammoho, matsohong a Bafilesta; hosasane, wena le bara ba hao, le tla ba le nna; le diahelo tsa Baiseraele, Jehova o tla di neela Bafilesta.


Lehlahana la hae ha le bona hobane Saule o shwele, le lona la itihela hodima sabole ya lona, la eshwa hammoho le yena.


Haele banna ba Iseraele ba mose wane ho kgohlo, le ba mose wane ho Jordane, ha ba bona hobane banna ba Iseraele ba balehile, le hobane ho shwele Saule le bara ba hae, ba furalla metse, ba baleha, mme Bafilesta ba kena ho yona, ba dula teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos