Moya wa Jehova o tla dula hodima hae, moya wa bohlale le wa kelello, moya wa keletso le wa matla, moya wa ho tseba le wa ho tshaba Jehova.
2 Bakorinthe 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) tshebeletso ya Moya e tla ba le kganya e fetisang hakakang! BIBELE Ha ho le jwalo, na tshebeletso ya Moya e ke ke ya eba le tlotla e fetang eo haholo? Baasraak Sotho NT Tshebeletso ya Moya e ke ke ya ba le kganya e fetisang jwang? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tshebeletso ya Moya e ke ke ya ba le kganya e fetisang jwang? |
Moya wa Jehova o tla dula hodima hae, moya wa bohlale le wa kelello, moya wa keletso le wa matla, moya wa ho tseba le wa ho tshaba Jehova.
Hobane ke tla tshela lefatshe le nyorilweng ka metsi, melapo e phalle lefatsheng le omeletseng; ke tla tshollela moya wa ka hodima leloko la hao, le hlohonolofatso ya ka hodima mahlomela a hao,
Haele nna, ke sona selekane seo ke se etsang le bona, ho bolela Jehova: Moya wa ka o dutseng ho wena, le ditaba tsa ka tseo ke di beileng molomong wa hao, ha di sa tla tloha molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya bana ba bana ba hao, ho bolela Jehova jwale le ka ho sa feleng.
Ka taba eo, o ne a lekanya Moya oo ba dumelang ho yena ba tlang ho o newa; hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho hlahe, kahobane Jesu a ne a eso ho tlotliswe.
Ana ha le tsebe hobane le tempele ya Modimo, le hoba Moya wa Modimo o ahile ho lona na?
Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle.
e leng wona hape o re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, e seng sa letere, empa e leng sa Moya; hobane letere yona e a bolaya, empa Moya o a phedisa.
Mme ekare ha tshebeletso ya lefu, e ngodilweng ka diletere tse betlilweng majweng, e ne e na le kganya e kgolo, bana ba Iseraele ba ba ba sitwa ho tadima Moshe mahlong, ka baka la kganya ya sefahleho sa hae, athe ke e neng e tla fela;
Hobane tshebeletso ya tsuo ha e bile le kganya, haholoholo tshebeletso ya ho loka e fetisa ka kganya hakakang!
hore lehlohonolo la Abrahama le fihlele baditjhaba ka Jesu Kreste, mme re amohele pallo ya Moya ka tumelo.
Empa haele rona, re tshwanetse ho boka Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, baratuwa ba Morena, kahobane Modimo o le kgethile esale ho qaleng, hore le tle le bolokehe ke ho halaletswa ke Moya, le ke ho dumela nnete.
ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.