Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 3:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Tshebeletso ya Moya e ke ke ya ba le kganya e fetisang jwang?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 tshebeletso ya Moya e tla ba le kganya e fetisang hakakang!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ha ho le jwalo, na tshebeletso ya Moya e ke ke ya eba le tlotla e fetang eo haholo?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Tshebeletso ya Moya e ke ke ya ba le kganya e fetisang jwang?

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 3:8
24 Referencias Cruzadas  

Hobane molao o neilwe ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.


(Empa o ne a bua ka Moya oo ba dumelang ho yena ba neng ba tla o amohela, hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho newe, hobane Jesu o ne a eso tlotliswe.)


Ana ha le tsebe hoba le tempele ya Modimo, le hoba Moya wa Modimo o dutse ho lona na?


Hobane ekare ha ya tlang a bolela Jesu e mong, eo re sa kang ra mo bolela, kapa le amohela moya osele oo le sa kang la o amohela, kapa Evangeli esele eo le sa kang la e amohela, le ka mo mamella.


Jwale Morena ke Moya oo; mme moo Moya wa Morena o leng teng, ho na le tokoloho.


Ke yena ya re entseng hore re be basebeletsi ba selekane se setjha; e seng wa letere, empa e le wa moya: hobane lengolo le a bolaya, empa moya ke wona o phedisang.


Empa ha tshebeletso ya lefu, e ngodilweng, e betlilweng majweng, e ne e na le kganya, hoo bana ba Iseraele ba neng ba sitwa ho tadima sefahleho sa Moshe ka baka la kganya ya sefahleho sa hae; e leng tlotla e neng e tla fela.


Hobane tshebeletso ya kahlolo ha e ka ba le kganya, tshebeletso ya ho loka e tla fetisa kganya ka ho fetisa hakakang.


hore lehlohonolo la Abrahama le tle ho baditjhaba ka Jesu Kreste; re tle re amohele pallo ya Moya ka tumelo.


Hobane rona ka Moya re lebeletse tshepo ya ho loka ka tumelo.


Hobane ka yena re na le katamelo ho Ntate ka Moya o le mong.


Empa rona re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso ba ratwang ke Morena, hobane Modimo o le kgethetse ho tloha tshimolohong, hore le tle le bolokehe ka kgalaletso ya Moya le ka ho dumela nnete.


Ba kgethilweng ho ya ka tsebo e sa le pele ya Modimo Ntate, ka kgalaletso ya Moya, ho isa kutlong le ho fakweng ka madi a Jesu Kreste: A le ke le atisetswe mohau le kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos