2 Bakorinthe 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa kahlolo ya ho shwa ya hla ya eba ka ho rona, hore re tle re se ke ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo o tsosang bafu; BIBELE Ra ikutlwa eka re ahloletswe lefu, mme hona ha etsa hore re se ke ra nna ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo ya tsosang bafu; Baasraak Sotho NT Empa re ne re ahloletswe lefu ka ho rona, e le hore re se ke ra itshepa, re mpe re itshepe Modimo o tsosang bafu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa re ne re ahloletswe lefu ka ho rona, e le hore re se ke ra itshepa, re mpe re itshepe Modimo o tsosang bafu. |
Ba jang menono ya lefatshe ba tla tla, ba je, ba rapele; o tla kgumamelwa ke bohle ba theohelang leroleng, le ke ba sitwang ho iphedisa.
Ke ne ke itse: Mohla matsatsi a ka e leng a phomolo, ke moo ke tla theohela menyakong ya nqalo ya bafu, ke timellwe ke dilemo tse ka beng di setse.
Ekare ha ke bolella ya lokileng hore o tla phela, ... ha a ka itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, ho loka hohle ha hae ha ho ka ke ha hopolwa, empa o tla shwa ka bokgopo boo a bo entseng.
Hape, a bolela setshwantsho sena ho ba bang ba itshepisang hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang; a re:
jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Re bolawa letsatsi lohle ka baka la hao; re lekantswe le dinku tse hlajwang?
e leng wona o re pholositseng lefung le lekalo, mme o sa ntse o re pholosa, mme re tshepile hoba o sa tla nne o re pholose,
Efela banabeso, ha re rate hoba le se ke la tseba hoba, haele mahlomola a re hlahetseng Asia, re kile ra hatellwa ka hosele ho fetisa matla a rona, ra ba ra fellwa le ke tshepo ya ho phela.
E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;
Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.
A lekanya hoba Modimo o ka tseba ho tsosa mora wa hae bafung; mme efela o boetse a mo rua ka mokgwa o kang wa tsoho.