Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Efela banabeso, ha re rate hoba le se ke la tseba hoba, haele mahlomola a re hlahetseng Asia, re kile ra hatellwa ka hosele ho fetisa matla a rona, ra ba ra fellwa le ke tshepo ya ho phela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Bana beso, efela re rata ha le tseba hore matshwenyeho a re hlahetseng Asia a ne a le boima haholo ho feta matla a rona, hoo re bileng ra lahlehelwa ke tshepo ya hore re tla phela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Bana beso, ha re rate hore le hloke tsebo mabapi le tsietsi ya rona e ileng ya re hlahela Asia, hore re ne re petetswe ho feta matla a rona, hoo re neng re nyahame le ka bophelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Bana beso, ha re rate hore le hloke tsebo mabapi le tsietsi ya rona e ileng ya re hlahela Asia, hore re ne re petetswe ho feta matla a rona, hoo re neng re nyahame le ka bophelo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 1:8
13 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.


Yare hobane a bolele taba tseo, a kgutlisa batho.


Rona bohle Bapartha, Bamede, Baelame, le ba ahileng Mesopotamia, le Judea, le le Kapadosia, le Ponto, le Asia,


Banabeso, ha ke rate ha le sa tsebe hobane ke rerile hangata ho ya ho lona, ke tle ke kge ditholwana tse ding le ho lona, jwalokaha ke entse ditjhabeng tse ding; ke mpa ke thibetswe ho fihlela jwale.


Ha ke lwanne le dibatana Efese ka phehello ya botho, ke ruileng ka hoo? Ekare ha bafu ba sa tsohe, a re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


Hobane teng ke buletswe monyako o moholo wa tshebetso e hlohonolofalang; hape ho le bahanyetsi ba bangata.


Le se le kgotshe, le se le enne, le se le busitse kantle ho rona; hoja le ka fela la busa, le rona re tle re buse hammoho le lona!


Empa kahlolo ya ho shwa ya hla ya eba ka ho rona, hore re tle re se ke ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo o tsosang bafu;


jwaloka hoja re le bathetsi, athe re ba nnete; jwaloka hoja re le ba sa tsejweng, athe re a tsejwa; jwaloka hoja re a shwa, athe re a phela; jwaloka hoja re a lauwa, empa ha re bolawe;


Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.


Jwale Davida a bua ka pelo ya hae, a re: Ka tsatsi le leng, ke tla timela ka letsoho la Saule; ho ka ba molemo ho nna ha nka phakisa ka tshabela naheng ya Bafilesta, Saule a tle a ntele, a se ke a nna a mpatla naheng ya Iseraele; ke hona nka phonyohang ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos