Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 1:9 - BIBELE

9 Ra ikutlwa eka re ahloletswe lefu, mme hona ha etsa hore re se ke ra nna ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo ya tsosang bafu;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa kahlolo ya ho shwa ya hla ya eba ka ho rona, hore re tle re se ke ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo o tsosang bafu;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Empa re ne re ahloletswe lefu ka ho rona, e le hore re se ke ra itshepa, re mpe re itshepe Modimo o tsosang bafu.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa re ne re ahloletswe lefu ka ho rona, e le hore re se ke ra itshepa, re mpe re itshepe Modimo o tsosang bafu.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 1:9
20 Referencias Cruzadas  

Jwale le nna ke tla o thoholetsa, ke re: ‘Tsoho la hao le letona le ka o pholosa!’


hobane puso ke ya Morena, mme o rena hodima ditjhaba.


Ya kgopo o fediswa ke bokgopo ba hae, ya lokileng o na le letshepa, esita le lefung la hae.


Motho ya sethoto ke ya itshepang boyena, ya sebetsang ka bohlale o tla fumana pholoho.


“Ke ne ke itse: Ke tla falla ke sa le motjha, ke theohele kgorong ya Nqalo ya Bafu, hobane ke amohilwe lemo tsa bophelo ba ka, tse sa setseng.”


Ha ke re ho ya lokileng ruri o tla phela, empa a itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bobe, ha ho le e nngwe ya dintho tse lokileng tseo a di entseng e tla hlola e sa hopolwa; o tla shwa ka baka la bokgopo boo a bo entseng.


Le ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang, Jesu a ba bolella setshwantsho sena, a re:


Jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ka baka la hao re bolawang ka mehla, re nkwang re le dinku tse hlajwang.”


e leng yena ya re pholositseng kotsing e kaalo ya ho shwa, mme o tla boela a re pholose. Re tshepile hore o tla nne a re pholose,


Bana beso, efela re rata ha le tseba hore matshwenyeho a re hlahetseng Asia a ne a le boima haholo ho feta matla a rona, hoo re bileng ra lahlehelwa ke tshepo ya hore re tla phela.


Hase hore rona ka borona re na le matla a lekaneng hore re hopole letho jwaloka hoja le tswa ho rona, empa matla a rona a tswa ho Modimo.


Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.


O ne a ikgodisitse hore Modimo o na le matla, esita le a ho tsosa motho bafung. Kahoo a boela a amohela mora wa hae, jwaloka hoja a tsohile bafung.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos