Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)
2 Bakorinthe 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) o re tshedisang mahlomoleng wohle a rona, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tshedisa ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo. BIBELE O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo. Baasraak Sotho NT o re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, hore re tle re tsebe ho tshedisa ba mahlomoleng afe kapa afe, ka matshediso ao rona ka borona re tshediswang ke Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 o re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, hore re tle re tsebe ho tshedisa ba mahlomoleng afe kapa afe, ka matshediso ao rona ka borona re tshediswang ke Modimo. |
Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)
Tloong, le mamele, lona kaofela ba tshabang Modimo, ke tla le bolella seo o se entseng bakeng sa moya wa ka.
O etse pontsho bakeng sa ka ya hoba o molemo ho nna, e tle e bonwe ke dira tsa ka, di ke di swabe! hobane, Jehova, o a nthusa, o a ntshedisa.
Ka letsatsi leo o tla re: Jehova, ke a o rorisa, hobane o ne o nkgalefetse, empa bohale ba hao bo kgutlile, mme o ntshidisitse.
Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.
Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?
Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.
Dumisang ditlatse hammoho le nyakallo, lona masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse setjhaba sa hae, o lopolotse Jerusalema.
Mme ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, a tle a dule le lona ka ho sa feleng;
empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona.
Ke ka baka leo re tshedisitsweng; hape, kahodima tshediso ya rona re thabile haholoholo ka baka la thabo ya Tite, hobane moya wa hae o kile wa kgathollwa ke lona bohle.
Ke bua le lona ka matla a maholo, ke ithorisa haholo ka lona; ke tletse tshediso, ke thabile ka ho fetisisa mahlomoleng wohle a rona.
Mme jwale, ba bangata ho bana babo rona Moreneng ba ekeleditswe matla a ho bolela lentswe la Modimo, ba se na tshabo, ka ho kgothahala ke ditlamo tsa ka.