Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Sikeme, o leng naheng ya Kanana, a sa ntse a etswa Paddan-Arame; a hloma tente tsa hae pela motse.
1 Samuele 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile o ya le thaba ya Efraime, a ntoo ya le naha ya Shalisha, ba mpa ba se ke ba di fumana; ba ntoo ya le naha ya Shaalime; le teng tsa eba siyo; hape ba ya le naha ya Benjamine, ba se ke ba di bona. BIBELE Saule a feta hara naha ya Efraime e maralla, a feta le hara naha ya Shalesha, empa ba se ke ba di fumana. Yaba ba feta hara naha ya Shaaleme, mme le moo tsa eba siyo. A feta le hara naha ya morabe wa Benjamine, empa le teng a se ke a di fumana. |
Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Sikeme, o leng naheng ya Kanana, a sa ntse a etswa Paddan-Arame; a hloma tente tsa hae pela motse.
Yaba ho tla monna wa Baale-Shalisha, a tlisetsa monna wa Modimo bohobe ba dithakangwaha, e le mahobe a mashome a mabedi a harese, le diqwapi tse tala mokotleng wa hae. Elisha a re: Beela batho bana, ba tle ba je.
Johanne le yena o ne a kolobetsa Enone, haufi le Salime, kahobane metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla teng, ba kolobetswa.
Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime.
Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Ka mohlomong, monna wa Molevi ya neng a aheletse letswapong la thaba ya Efraime, a inkela mosadi wa serethe Bethlehema-Juda.
Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.
Mohlang oo, diesele tsa Kishe, ntata Saule, tsa lahleha. Kishe a re ho Saule, mora hae: Ako ye le e mong wa bahlanka, o yo batla diesele.