Isaaka a re ho mora hae: O phakisitse hakaakang ho se fumana, mora wa ka! A re: Ke hoba Jehova, Modimo wa hao, a se tlisitse pela ka.
1 Samuele 21:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a re ho moprista Akimeleke: Morena o ntaetse taba, a re ho nna: Ho se ke ha tseba motho taba eo ke o romang yona, le seo ke o laetseng sona. Ke kahoo ke laetseng bahlankana ba ka baka se itseng. BIBELE Davida a re ho moprista Ahimeleke: “Kgosi e ntaetse hore ke etse ho hong, mme ya re ho nna: ‘O se ke wa bolella motho seo ke o romileng sona, le seo ke o laetseng sona.’ Ke itse bahlanka ba ka ba yo kopana le nna sebakeng se seng. |
Isaaka a re ho mora hae: O phakisitse hakaakang ho se fumana, mora wa ka! A re: Ke hoba Jehova, Modimo wa hao, a se tlisitse pela ka.
Yaba eo o re: Le nna ke moporofeta jwaloka wena; lengeloi le mpoleletse taelo ya Jehova, la re: Mo kgutlise, a ye ha hao, a je bohobe, a nwe metsi. Athe o ne a mo thetsa.
Ka lona letsatsi lena o se a tla fihla Nobe, mme ka letsoho la hae o tla supa thaba ya moradi wa Sione, leralla la Jerusalema.
Hobane enere ba bang ba tswang ho Jakobo, ha ba eso ho fihle, o ne a ntse a eja le baditjhaba; empa yare ha ba fihla, a sutha kasanthao, mme a ikgetha ka ho tshaba ba lebollo.
Saule a re ho Mikale: O nthetseditseng, ha o dumeletse sera sa ka sa baleha na? Mikale a re ho Saule: O itse ho nna: Ntese, ke ye; o re, ke o bolaeleng?
Keng eo o nang le yona matsohong a hao? Mphe dipolokwe tse hlano, leha e le ho hong ho ka fumanwang.
Davida a re ho Abiathare: Ke tsebile mohlang oo ha ke bona Moedomo Doege a le teng, hobane o tla bolella Saule; ke nna eo bohle ba ntlo ya ntatao ba timeditsweng ka baka la hae.
Ebile Doege, Moedomo, ya emeng le bahlanka ba Saule, o re: Ke bone mora Jese a etla Nobe ho Akimeleke, mora Akitube.