Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 19:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Saule a re ho Mikale: O nthetseditseng, ha o dumeletse sera sa ka sa baleha na? Mikale a re ho Saule: O itse ho nna: Ntese, ke ye; o re, ke o bolaeleng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Saule a re ho Mikale: “Ke ka baka lang ha o nthetsitse tjee, o bile o tlohetse le sera sa ka se iketse, se phonyohile?” Mikale a re ho Saule: “O ile a re ho nna: ‘Ntlohele ke tsamaye, ho seng jwalo ke tla o bolaya!’ ”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:17
10 Referencias Cruzadas  

Bahlanka ba Absalome ba fihla ha mosadi eo, ba re: Ba kae boAkimaatse le Jonathane? Mosadi a re ho bona: Ba tshetse molatswana. Ba batla, ba se ke ba fumana letho, ba ba ba kgutlela Jerusalema.


Abnere a boela a re ho Asaele: Kgeloha, o se ke wa hlola o mphallela; o ratelang ha ke o bolaya? Ke tla tadimana jwang le ngwaneno Joabe?


Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.


Hleka ke fetohile sera ho lona, ka ho le bolella nnete na?


Saule a romela manqosa ho tshwara Davida; Mikale a mpa a re: O bohloko.


Manqosa ha a kena, a bona ho le tarafime diphateng, e rwesitswe boya ba podi hloohong.


Jwale, morena a re ho dititimi tse emeng pela hae: Emang, le bolaye baprista ba Jehova, hobane ba emetse Davida; hape ba tsebile ha a baleha, mme ha ba ka ba ntsebisa. Empa bahlanka ba morena ba hana ho isa matsoho ho bolaya baprista ba Jehova.


Mosadi ha a bona Samuele, a meketsa; mme mosadi a fetola Saule, a re: O nthetseditseng na, athe ke wena Saule?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos