Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 19:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Davida a thoba jwalo, a phonyoha, a fihla ho Samuele Rama, a mo tsebisa tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Ba ntoo tloha le Samuele, ba ya dula Najothe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Yaba Davida o a phonyoha, o a baleha, a ba a ya fihla Rama, ho Samuele. A phetela Samuele tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Bo-Davida le Samuele ba tsamaya, ba ya phela Naiote.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:18
11 Referencias Cruzadas  

Ka ba ka re matswalong a ka: Batho bohle ke bathetsi.


Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.


Ba tsoha e sa le hosasa, ba kgumamela Jehova, mme ba kgutla, ba boela hae ha habo, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosadi wa hae, mme Jehova a mo hopola.


Jwale, Samuele a ikela Rama, Saule yena a ya ha hae Gibea wa Saule.


Saule a tsebiswa, ha thwe: Bona, Davida o Najothe, haufi le Rama.


Le yena Saule a tla Rama; ha a fihla sedibeng se seholo se Seku, a botsa, a re: Na Samuele le Davida ba hokae na? A bolellwa, ha thwe: Ke bane Najothe, haufi le Rama.


A ya teng Najothe, haufi le Rama, mme le yena a tlelwa ke moya wa Modimo, a nna a ya pele, a porofeta, a ba a fihla Najothe, haufi le Rama.


Ebile Davida o baleha Najothe o pela Rama, a tla a re ho Jonathane: Ke entseng? Sebe sa ka ke sefe? Ke sitetswe ntatao kang, ha a pheheletse hakalo ho mpolaya na?


Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: Na eo hase Davida, morena wa lefatshe na? Na hase yena eo ba neng ba dumelana, ba hobela, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile kete tsa hae tse mashome na?


Samuele o ne a se a shwele, le Baiseraele bohle ba ne ba se ba mo lletse, ba mo epetse Rama, motseng wa habo. Saule o ne a tlositse dinohe le baporofeta ba bohata naheng eo.


O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos