Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 19:18 - BIBELE

18 Yaba Davida o a phonyoha, o a baleha, a ba a ya fihla Rama, ho Samuele. A phetela Samuele tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Bo-Davida le Samuele ba tsamaya, ba ya phela Naiote.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Davida a thoba jwalo, a phonyoha, a fihla ho Samuele Rama, a mo tsebisa tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Ba ntoo tloha le Samuele, ba ya dula Najothe.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:18
11 Referencias Cruzadas  

Pherekanong ya ka ka ba ka re: “Ha ho motho ya tshepahalang!”


Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.


Bo-Elekana le Anna ba tsoha ka madungwadungwana, ba kgumamela Morena, ba kgutla, mme ba fihla tlung ya bona e Rama. Elekana a kena dikobong tsa Anna, mohatsa hae, mme Morena a mo hopola.


Yaba Samuele o ikela Rama. Saule yena a ikela tlung ya hae e Gibea, motseng wa Saule.


Saule a tsebiswa, ha thwe: “Davida o Naiote.”


Jwale Saule a ikisa Rama ka nama, a fihla sedibeng se seholo se Seku. A botsa, a re: “Bo-Samuele le Davida ba kae?” E mong a re: “Ba Naiote e Rama.”


A tloha moo, a ya Naiote e Rama. Yaba Moya wa Morena o theohela le hodima Saule, a tsamaya a ntse a porofeta, a ba a ya fihla Naiote e Rama.


Jwale Davida a baleha Naiote e Rama, a ya ho Jonathane, a fihla a re ho yena: “Ebe ke entseng? Bokgopo ba ka ke bofe? Ke sitetswe ntatao ka eng, ha e le moo a batla ho mpolaya tjee?”


Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: “Na eo hase Davida, kgosi ya naha ye? Na basadi ha ba a ka ba mmina metjekong, ba re: “ ‘Saule o bolaile ba hae ba dikete, Davida yena o bolaile ba kete tsa dikete?’ ”


Hoba Samuele a shwe, mme Baiseraele bohle ba mo llele, ba mo epela Rama, motseng wa habo. Saule o ne a ile a leleka dinohe le mathuela kahara naha.


O ne a ye a kgutlele Rama, hobane ke moo a neng a ahile teng, mme a ahlolele Baiseraele hona teng. Hona moo a hahela Morena aletare.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos