Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 19:17 - BIBELE

17 Saule a re ho Mikale: “Ke ka baka lang ha o nthetsitse tjee, o bile o tlohetse le sera sa ka se iketse, se phonyohile?” Mikale a re ho Saule: “O ile a re ho nna: ‘Ntlohele ke tsamaye, ho seng jwalo ke tla o bolaya!’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Saule a re ho Mikale: O nthetseditseng, ha o dumeletse sera sa ka sa baleha na? Mikale a re ho Saule: O itse ho nna: Ntese, ke ye; o re, ke o bolaeleng?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:17
10 Referencias Cruzadas  

Jwale bahlanka ba Abosalome ba kena ka tlung ya mosadi eo, ba re: “Bo-Ahimase le Jonathane ba kae?” Mosadi a re ho bona: “Ba se ba tshetse noka ya Jorodane.” Ha ba se ba batlile, mme ba sa ba fumana, ba kgutlela Jerusalema.


Abinere a boela a re ho Asaele: “Se ka nna nngwanyamisa! O batla hore ke tle be ke o bolaye? Nka shebana jwang le ngwaneno Joabe?”


Akabe a re ho Elia: “Wa mphumana, wena sera sa ka!” Elia a re: “E, ke o fumane, hobane o ineeletse ho etsa bobe moo Morena a ntseng a o bona.


Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.


Na ke fetohile sera sa lona ka ho le bolella nnete?


Saule a romela maqosa ho ya tshwara Davida, empa Mikale a re: “Davida o a kula.”


Eitse ha maqosa a kena ka ha Davida, a fumana modingwana wa lelapa o sametsweng mosamo wa boya ba dipodi, o robaditswe diphateng.


Kgosi ya re ho balebedi ba neng ba e potapotile: “Tloong, le bolaye baprista ba Morena, hobane ba thusana le Davida. Ba bile ba tseba hore o balehile, empa ha ba a ka ba ntsebisa.” Empa bahlanka ba kgosi ba se ke ba bolaya baprista ba Morena.


Hang ha mosadi a bona Samuele a howeletsa haholo, a re ho Saule: “O nthetseditseng? Ke wena Saule!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios