Yaba o re: Ntlisetse, ke je se tsomilweng ke mora wa ka, mme moya wa ka o o hlohonolofatse. Jwale a mo tlisetsa, mme a ja; a ba a mo tlisetsa veine, a nwa.
Yaba eo o re: Le nna ke moporofeta jwaloka wena; lengeloi le mpoleletse taelo ya Jehova, la re: Mo kgutlise, a ye ha hao, a je bohobe, a nwe metsi. Athe o ne a mo thetsa.
Empa tseo le tshwanetseng ho di etsa ke tsena: Bolelang nnete e mong le e mong ho wa habo; ahlolang ka nnete le ka kahlolo ya kgotso makgotleng a lona;
Ha ho le jwalo, a ikgakanya pontsheng ya bona, a iketsa lehlanya hara bona, a ngola mamating a monyako, a dutlisa dinqhenqhe, tsa dutlela tedung tsa hae.
Davida a re ho moprista Akimeleke: Morena o ntaetse taba, a re ho nna: Ho se ke ha tseba motho taba eo ke o romang yona, le seo ke o laetseng sona. Ke kahoo ke laetseng bahlankana ba ka baka se itseng.
Akishe a botsa, a re: Le be le futuhetse kae kajeno? Davida a re: Re tswa futihela nqa borwa ho Juda, le nqa borwa ho Bajerahemeele, le nqa borwa ho Bakene.