La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 2:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ka baka leo, sebe sa bahlankana bao se ne se le seholo haholo pela Jehova, hobane le batho ba ne ba se ba nyedisa tse beelwang Jehova.

Ver Capítulo

BIBELE

Sebe sa bahlankana bana se ne se le seholo haholo mahlong a Morena, hobane bara bao ba Eli ba ne ba hlompholla dinyehelo tsa Morena.

Ver Capítulo



1 Samuele 2:17
11 Referencias Cruzadas  

Ke yena eo e bileng setsomi sa senatla pela Jehova; ke moo ho yeng ho thwe: E ka Nimrode, setsomi sa senatla pela Jehova.


Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa.


Empa lefatshe le ne le bodile pela Modimo, mme lefatshe le ne le tletse ho bolayana.


A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.


Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.


Hobane Jerusalema o a thekesela, Juda o a wa, hobane maleme a bona le diketso tsa bona di lwantsha Jehova, ho halefisa mahlo a kganyang a hae.


Hape, ke ena ya bobedi eo le e etsang: le tlatsa aletare ya Jehova ka meokgo, ka dillo, le ka mefehelo, o bile ha a sa hlokomela sehlabelo sa lona le ho kgahlwa ke se tswang matsohong a lona.


Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso; hobane dikgopiso di tshwanetse ho ba teng; ho mpa ho madimabe motho eo kgopiso e hlahang ka yena.


Ha e mong a ba a ka re ho yena: Mafura a ke a tjheswe pele, o ntoo inkela kamoo pelo ya hao e ratang kateng, eo o ne a re: Tjhe, o nnee jwale: ha ho se jwalo, ke tla nka ka matla.


Ke se nkile ka mo tsebisa hobane ke tla ahlola ntlo ya hae ka kahlolo e ke keng ya fela; hobane leha a ne a ntse a tseba bokgopo ba bara ba hae, kamoo ba ntseng ba ipha bolotsana kateng, ha a ka a ba tshwara.