Eitse ha a atamela diahelong, a bona namane le mehobelo. Yaba bohale ba Moshe bo a tuka, mme a lahla matlapa ka matsoho a hae, a a bolaya mosifeng wa thaba.
1 Samuele 11:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba moya wa Modimo o tshwara Saule, ha a utlwa taba tseo, a halefa haholo; BIBELE Ha Saule a utlwa mantswe ana, Moya wa Modimo wa theohela hodima hae ka matla, mme kgalefo ya hae ya tlokoma haholo. |
Eitse ha a atamela diahelong, a bona namane le mehobelo. Yaba bohale ba Moshe bo a tuka, mme a lahla matlapa ka matsoho a hae, a a bolaya mosifeng wa thaba.
Haele Moshe, e ne e le monna ya mosa, ya mosa ho fetisa motho ofe le ofe ya lefatsheng.
A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.
Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona;
Yaba moya wa Jehova o tlela Jafeta, a ba a haola ka Gileade le Manasse, a feta le Mitspe wa Gileade; ha a tloha Mitspe wa Gileade, a fetela ho bana ba Ammone.
Moya wa Jehova wa qala ho mo sisinya, a le Mahane-Dane, mahareng a Tsorea le Eshthaole.
Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a harola tau, jwalokaha ho harolwa potsanyane, a sa tshwara letho matsohong a hae; empa a se ke a tsebisa ntatae le mmae seo a se entseng.
Eitse ha a fihla Lehi, Bafilesta ba duduetsa, ha ba tla mo kgahlanyetsa. Yaba moya wa Jehova o mo tlela ka matla, mehala e tlamileng matsoho a hae ya ba ya fetoha ntho e kang lene e tjheleng, mme ditlamo tsa hae tsa lokoloha matsohong a hae.
Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime.
Gideone a apeswa moya wa Jehova, a ba a letsa terompeta, mme Baabiesere ba memelwa ho yena ka mokgosi.
Eitse ha a fihla Gibea, a bona sehlopha sa baporofeta se mo kgahlanyetsa; yaba moya wa Modimo o a mo tshwara, a porofeta hara bona.
Le wena, moya wa Jehova o tla o tshwara, mme o tla porofeta le bona, o be o fetohe motho osele.
Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a mo tlotsa hara banababo, mme moya wa Jehova wa tshwara Davida, ho qala tsatsing lona leo. Samuele a ntoo tloha, a ikela Rama.
Jwale, moya wa Jehova wa tloha ho Saule, mme moya o mobe o tswang ho Jehova, wa mo ferekanya.