Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 11:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 a nka pholo tse pedi, a di pomahanya dikoto, a di romela naheng tsohle tsa Iseraele ka manqosa a reng: E mong le e mong ya sa tsweng hae ho latela Saule le Samuele, ho tla etswa jwalo ka kgomo tsa hae. Letsoso la Jehova la wela setjhaba, mme ba tswa jwaloka eka ke motho a le mong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Saule a nka dipholo tse pedi, a di kgaola dikotwana, a di romela hohle naheng ya Baiseraele ka maqosa, a re: “Mang kapa mang ya sa lateleng Saule, dipholo tsa hae di tla etswa tjena!” Morena a kenya setjhaba letswalo, mme sa tswa jwalokaha eka ke motho a le mong.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 11:7
8 Referencias Cruzadas  

Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.


ba kena metse yohle e teetseng Gerare hare, hobane e ne e wetswe hodimo ke letsoso la Jehova; ba ya le ntho tsohle tse metseng eo, hobane thepa ya teng e ne e le kgolo.


Letsoso la Jehova la wela mebuso yohle ya mafatshe a teetseng Juda hare, e tle e se ke ya futuhela Josafate.


Le ke le tshabe Jehova ho qala jwale, le etse ka kelello, hobane Jehova, Modimo wa rona, ha a na bokgopo, ha a ye ka tshobotsi ya batho, mme ha a amohele dimpho.


Kgethang lebitso la Jehova wa makgotla feela, e be yena feela le mo tshabang, le mo tshohang.


Eitse hobane a fihle hae, a nka thipa, a tshwara serethe sa hae, a se arola, a se etsa koto tse leshome le metso e mmedi ka ho ya ka masapo a sona, mme a di romela naheng yohle ya Iseraele.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos