Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 11:7 - BIBELE

7 Saule a nka dipholo tse pedi, a di kgaola dikotwana, a di romela hohle naheng ya Baiseraele ka maqosa, a re: “Mang kapa mang ya sa lateleng Saule, dipholo tsa hae di tla etswa tjena!” Morena a kenya setjhaba letswalo, mme sa tswa jwalokaha eka ke motho a le mong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 a nka pholo tse pedi, a di pomahanya dikoto, a di romela naheng tsohle tsa Iseraele ka manqosa a reng: E mong le e mong ya sa tsweng hae ho latela Saule le Samuele, ho tla etswa jwalo ka kgomo tsa hae. Letsoso la Jehova la wela setjhaba, mme ba tswa jwaloka eka ke motho a le mong.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 11:7
8 Referencias Cruzadas  

Yaba ba tswela pele leetong la bona, Modimo a kenya tshabo e kgolo metseng eo ba neng ba feta ho yona, hoo baahi ba yona ba sa kang ba futuhela bara ba Jakobo.


Ba timetsa metse yohle e potapotileng Gerare, hobane Morena o ne a ile a kenya baahi ba yona letswalo. Ba hapa dintho tsohle metseng eo, etswe metse eo e ne e ena le dintho tse ngata.


Morena a kenya mebuso yohle e potapotileng naha ya Juda letswalo, hoo e sa kang ya lwantsha Jehoshafate.


Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.”


Hopola hore Morena wa mabotho o a halalela, e be yena eo o mo tshabang, e be yena eo o mo tshohang.


Ha a fihla ka tlung ya hae, a nka thipa, a tshwara setopo sa mosadi wa hae wa lefielo, a se nonyolla manonyeletso, a se etsa dikotwana tse leshome le metso e mmedi, yaba o di romela dinaheng tsohle tsa Baiseraele.


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos