Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 16:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jwale, moya wa Jehova wa tloha ho Saule, mme moya o mobe o tswang ho Jehova, wa mo ferekanya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Jwale Moya wa Modimo o ne o se o tlohile ho Saule, mme moya o ditshila, o rometsweng ke Morena, o mo tshwenya.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:14
17 Referencias Cruzadas  

empa mohau wa ka o ke ke wa mo tlohela, jwalokaha nkile ka o tlosa ho Saule, eo ke mo suthisitseng pela hao.


Mikea a re: Mamela polelo ya Jehova ke hona; Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme pela hae ka ho le letona le ho le letshehadi.


Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya ke be moya wa leshano melomong ya baporofeta bohle ba hae. A re: O tla mo thetsa, o hlole; tsamaya, o etse jwalo.


O se ke wa ntelekisa pela sefahleho sa hao, o se ke wa nkamoha moya wa hao o halalelang!


Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!


A re ho yena: Samsone Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o tsoha borokong ba hae, a re: Ke tla phonyoha jwaloka mehla, ke inamolele matsohong a bona; athe ha a tsebe hobane Jehova o mo furaletse.


Yaba Samsone o tshwara tshiya tse pedi tse hare tse tshetlamisitseng ntlo, a itshetlehile ho e nngwe ka letsoho le letona, le ho e nngwe ka le letshehadi.


Modimo wa romela moya o mobe mahareng a Abimeleke le beng ba Sikeme, beng ba Sikeme ba ba ba etsa Abimeleke ka lonya,


Yaba moya wa Modimo o tshwara Saule, ha a utlwa taba tseo, a halefa haholo;


Bahlanka ba Saule ba re ho yena: Bona, moya o mobe o tswang ho Modimo o a o ferekanya.


Ha ho le jwalo, monga rona, ako laele bahlanka ba hao ba leng pela hao, hore ba batle motho ya tsebang ho letsa harepa; etlere ha moya o mobe o tswang ho Modimo o etla ho wena, o tla letsa ka letsoho la hae, mme o tla thuseha.


Enere ha moya o mobe o tswang ho Modimo o tlela Saule, Davida o ne a nka harepa, a e letse, mme thuso e ne e hlahela Saule, a ikutlwe monate, mme moya o mobe o mo tlohele.


Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.


Yaba Saule o tshaba Davida ha a bona hobane Jehova o ho yena, athe yena o mo furaletse.


Samuele a re ho Saule: O mpherekanyeditseng ka ho nnyolla na? Saule a re: Ke tsielehile haholo; Bafilesta ba mphutuhetse, mme Modimo o mphuraletse; ha o sa nkarabela, leha e le ka baporofeta, leha e le ka ditoro; ke o bitsitse ke hona, hore o ntsebise seo nka se etsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos