1 Samuele 10:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) E mong wa teng a araba, a re: Homme ntata bona ke mang? Ha ho le jwalo, taba ena ya eba maele, ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na? BIBELE Monna e mong wa hona moo a re: “Ntata bona ke mang?” Ka baka leo, ha eba le maele a reng: “Na Saule le yena ke moporofeta?” |
Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna.
Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.
A ya teng Najothe, haufi le Rama, mme le yena a tlelwa ke moya wa Modimo, a nna a ya pele, a porofeta, a ba a fihla Najothe, haufi le Rama.
Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a nna a porofeta pontsheng ho Samuele, a dula fatshe a sa apara tsatsi leo lohle le bosiu bohle, ha ba ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?