Ba ne ba sa bale le banna bao ditjhelete tse bewang matsohong a bona, hore ba di nee ba sebetsang mosebetsi, kahobane ba ne ba etsa ka botshepehi.
1 Bakorinthe 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Efela se batlwang ho diabi, ke hoba se seng le se seng se fumanwe e le se tshepehang. BIBELE Ho batlehang ke hore mookamedi ka mong a fumanwe a tshepahala. Baasraak Sotho NT Hape, ho batloa ho batsamaisi, hore motho a fumanoe a tšepahala. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hape, ho batloa ho batsamaisi, hore motho a fumanoe a tšepahala. |
Ba ne ba sa bale le banna bao ditjhelete tse bewang matsohong a bona, hore ba di nee ba sebetsang mosebetsi, kahobane ba ne ba etsa ka botshepehi.
Ba mpe ba se ke ba ballwa ditjhelete tse bewang matsohong a bona, kahobane ba etsa ka botshepehi.
Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.
Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.
Morena a re: Mohlahlobi ke ofe ya kgabane, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae, ho ba nea dijo tsa bona ka nako e tshwanelang?
Ha ho le jwalo, motho ka mong a ke a re tsebe hoba re bahlanka ba Kreste, le diabi tsa diphiri tsa Modimo.
Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepehang Moreneng, hore a le hopotse dika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kateng, kahohle kerekeng e nngwe le e nngwe.
Mme haele ka nna, e ka ba nthwana e nyenyane ho ahlolwa ke lona, leha e le ka kahlolo ya batho; esita e le nna, ha ke ikahlole.
Jwale, haele ka taba ya barwetsana, teng ha ke na molao wa Morena; ke mpa ke hlahisa molomo wa ka, kamoo ke leng motho ya hauhetsweng ke Morena kateng, hore ke tshepehe.
Hobane ha re tshwane le ba bangata ba tswakang lentswe la Modimo; re ntse re bua re le ba nnete, re le ba buiswang ke Modimo, pontsheng ya Modimo, re le ho Kreste.
Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.
jwalokaha le rutilwe ke Epafrase, moratuwa le mong ka rona tshebeletsong, le mohlanka ya tshepehang wa Kreste hara lona;
Tikike, ngwaneso ya ratehang, mohlanka ya tshepehang, mong ka nna tshebeletsong ya Morena, o tla le tsebisa kahohle kamoo taba tsa ka di dutseng kateng.