Jakobo a rea nqalo eo lebitso la Peniele (sefahleho sa Modimo), ka ho re: Ke tadimane difahleho le Modimo, mme bophelo ba ka bo bolokehile.
1 Bakorinthe 13:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna. BIBELE Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba. Baasraak Sotho NT Hobane jwale re bona ka seipone, ka lerootho; empa mohlang oo, difahleho di tadimane; empa mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha le nna ke tsejwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane jwale re bona ka seipone, ka lerootho; empa mohlang oo, difahleho di tadimane; empa mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha le nna ke tsejwa. |
Jakobo a rea nqalo eo lebitso la Peniele (sefahleho sa Modimo), ka ho re: Ke tadimane difahleho le Modimo, mme bophelo ba ka bo bolokehile.
Bona, Modimo o moholo, re ke ke ra o tsebisisa, bokae ba dilemo tsa wona bo ke ke ba fumanwa.
Jehova o ne a bua le Moshe ba tadimane difahleho, ka mokgwa oo motho a buang le motswalle wa hae ka wona, o ntoo kgutlela diahelong; haele mohlanka wa hae, Joshua, mora Nune, wa mohlankana, o ne a sa tlohe tenteng.
ke bua le yena ka molomo o bapileng le molomo, ka ho iponahatsa, e seng ka mokgwa wa ho lotha; o boha sefahleho sa Jehova. Ha ho le jwalo, ho ile kang ha le sa ka la tshaba ho bua hampe ka mohlanka wa ka, Moshe, na?
Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.
Ke mpa ke lekanya hore mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanele ho lekanngwa le kganya e tlang ho bonahala ho rona.
Ha ke ne ke le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke ne ke hopola jwaloka ngwana, ke ne ke lekanya jwaloka ngwana; mohla ke fetohileng monna, ke lahlile tsa bongwana.
Jwale, rona bohle ba tadimang seiponeng kganya ya Morena, ka mahlo a se nang lesira, re fetohela setshwantshong se le seng le yena ka kganya e isang kganyeng, e leng ka Moya wa Morena.
E seng hore ke se ke nkile moputso, leha e le hore ke se ke phethehile; empa ke ntse ke phalla hore ke tle ke hape seo Kreste le yena a nkgapetseng sona.
Hobane motho, haele moutlwi wa lentswe, e seng moetsi wa lona, o jwaloka motho ya iponang seiponeng tshobotsi eo a tswetsweng ka yona.
Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng.