Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Jwale, rona bohle ba tadimang seiponeng kganya ya Morena, ka mahlo a se nang lesira, re fetohela setshwantshong se le seng le yena ka kganya e isang kganyeng, e leng ka Moya wa Morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Empa rona bohle, ka difahleho tse ahlamileng, re tadima jwaloka seipone kganya ya Morena, re fetohela setshwantshong se le seng ho tloha kganyeng ho isa kganyeng, jwalokaha re le ka Moya wa Morena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Empa rona bohle, ka difahleho tse ahlamileng, re tadima jwaloka seipone kganya ya Morena, re fetohela setshwantshong se le seng ho tloha kganyeng ho isa kganyeng, jwalokaha re le ka Moya wa Morena.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 3:18
24 Referencias Cruzadas  

Ha ba ntse ba tsamaya, ba ekeletswa matla, ho fihlela ba itlhahisa pela Modimo Sione.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Esaia o boletse taba tseo, mohla a bonang kganya ya hae, mme a bolela tsa hae.


Kganya eo o nneileng yona, ke ba neile yona, ba tle ba be bang, jwalokaha rona re le bang;


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.


Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.


Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.


Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.


ho loka ha molao ho tle ho phethwe ka ho rona ba sa tsamayeng ka nama, re mpang re tsamaya ka moya.


Kahobane thato ya nama ke bora ho Modimo; hobane ha e ipee tlasa molao wa Modimo, le ho sitwa e a sitwa.


Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.


Mme jwalokaha re apere setshwantsho sa wa lefatshe, re tla apara jwalo setshwantsho sa wa lehodimo.


Mme Morena ke Moya; mme moo Moya wa Morena o leng teng, tokoloho e teng.


e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.


Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Hobane ho Jesu Kreste ho bolla le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke hore motho e be mmopuwa e motjha.


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafallang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


e leng ka Evangeli e kganyang ya Modimo o lehlohonolo, eo ke e laetsweng.


e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,


Hobane motho, haele moutlwi wa lentswe, e seng moetsi wa lona, o jwaloka motho ya iponang seiponeng tshobotsi eo a tswetsweng ka yona.


Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos