Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 13:12 - BIBELE

12 Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Hobane jwale re bona ka seipone, ka lerootho; empa mohlang oo, difahleho di tadimane; empa mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha le nna ke tsejwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hobane jwale re bona ka seipone, ka lerootho; empa mohlang oo, difahleho di tadimane; empa mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha le nna ke tsejwa.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 13:12
20 Referencias Cruzadas  

Jakobo a rea sebaka seo lebitso la Peniele, hobane o ne a re: “Ke bone Modimo ka mahlo, empa ke ntse ke phela.”


Leha tlalo la ka le tla be se le bodile, ka mahlo Modimo ke tla mmona ke se mmeleng ona;


Modimo o moholo ho feta kutlwisiso ya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela.


Morena o ne a ye a bue le Moshe, difahleho di tadimane, jwalokaha motho a bua le motswalle wa hae. Moshe o ne a ye a kgutlele diahelong, empa lehlahana la hae Joshua, mora wa Nune, wa mohlankana, yena o ne a sa ke be a tswe ka Tenteng.


“Wena ngwana motho, etsa selotho, mme o phetele ba ntlo ya Iseraele papiso.


Ke bua le yena re tadimane, Ke bua ka puo e hlakileng, e seng ka dilotho, yena o bona sebopeho sa ka. Ke ka baka lang ha le sa tshabe ho bua, le sa tshabe ho bua Moshe, mohlanka wa ka, hampe?”


“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.


Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng, hobane ba tla bona Modimo.


jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate, mme ke tella dinku tsa ka bophelo ba ka.


Ke hopola hore bohloko ba nako ya jwale ha bo lokele ho lekanngwa le tlotla eo re tla e senolelwa.


Ha ke ne ke sa le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke hopola jwaloka ngwana, ke nahana jwaloka ngwana, empa ha ke se ke le monna, ke tlohetse tsa bongwana.


Empa haeba ho ena le ya ratang Modimo, yena o tsejwa ke yena.


Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.


Re phela ka tumelo, e seng ka ho mmona.


Hase ho re ke se ke fihletse tsena tsohle, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke hwatalletse ho di hapa, hobane le nna Kreste Jesu a se a nkgapile.


Ha motho e le moutlwi wa lentswe la Modimo, empa e se mophethi wa lona, o tshwana le motho ya shebang tshobotsi ya hae ka seiponeng,


Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Ba tla bona sefahleho sa hae, mme lebitso la hae le tla be le le diphatleng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos