La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Bakorinthe 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

ba jele bohle sejo se le seng sa moya;

Ver Capítulo

BIBELE

Bohle ba ja sejo sa moya se tshwanang.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Mme bohle ba ja dijo tse tshwanang tsa moya;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Mme bohle ba ja dijo tse tshwanang tsa moya;

Ver Capítulo



1 Bakorinthe 10:3
9 Referencias Cruzadas  

Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.


O nnile wa ba fa moya wa hao o molemo ho ba hlalefisa; ha o a ka wa tima melomo ya bona manna ya hao, mme wa nna wa ba nea metsi a ho ba nosa.


Yare ha ba kopa, a romela dikwekwe, a ba kgorisa ka bohobe ba lehodimo.


Bana ba Iseraele ha ba e bona, ba botsana ba re: Ke eng eo? Hobane ba ne ba sa tsebe hoba keng. Yaba Moshe o re ho bona: Ke bona bohobe boo Jehova a le neang bona, hore le bo je.


Bana ba Iseraele ba ne ba je manna ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ba kena naheng eo batho ba leng teng ho yona; ba eja manna ho isa ha ba fihla moeding wa lefatshe la Kanana.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Bona, ke tla le nesetsa bohobe bo tswang lehodimong, setjhaba se tla tswa se ipokellele ho lekanang letsatsi, ka matsatsi wohle, ke tle ke ba leke, ke bone hore na ba tla tsamaya ka molao wa ka, kapa ho seng jwalo.


O o kokobeditse, a o lapisa, a ntano o fepa ka manna, eo o neng o sa e tsebe pele, eo bontatao ba sa kanga ba e tseba, o tle o tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tswang molomong wa Jehova.