Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 “Wa ba fepa ka bohobe ba lehodimo ha ba lapile, wa ba fa metsi a tswang lefikeng ha ba nyorilwe, wa ba laela hore ba kene, ba ikgapele naha eo o neng o hlapanye hore o tla ba nea yona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:15
23 Referencias Cruzadas  

Empa Abrame a araba morena wa Sodoma, a re: Ke emisitse letsoho la ka ho Jehova, Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe,


O nnile wa ba fa moya wa hao o molemo ho ba hlalefisa; ha o a ka wa tima melomo ya bona manna ya hao, mme wa nna wa ba nea metsi a ho ba nosa.


o fetolang lefika matsha a metsi, le lehakwe le thata mohlwedi o tsaratsehang!


Yaba Jehova o re ho Moshe: Bona, ke tla le nesetsa bohobe bo tswang lehodimong, setjhaba se tla tswa se ipokellele ho lekanang letsatsi, ka matsatsi wohle, ke tle ke ba leke, ke bone hore na ba tla tsamaya ka molao wa ka, kapa ho seng jwalo.


Setjhaba se fela se ne se nyoretswe metsi, sa ngangisa Moshe, sa re: O ne o re ntshetsang Egepeta, ho tla re bolaisa lenyora rona le bana ba rona, le makgomo a rona?


Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe; o tla tea lefika, mme metsi a tla tswa ho lona, sesetjhaba se nwe. Moshe a etsa jwalo pontsheng ya baholo ba Iseraele.


Ke tla le isa naheng eo ke emisitseng letsoho la ka, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; ke tla le nea yona, e be lefa la lona; ke nna Jehova.


Ba ke ke ba nyorwa naheng e tshehla, ha ba haola ka yona; o tla phallisa metsi lefikeng bakeng sa bona, a petsole lefika, metsi a kwelle ho lona.


Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


Feela, ka ba emisetsa letsoho la ka nahathothe, ka re: Ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;


haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Bonang, Jehova, Modimo wa hao, o beile lefatshe pela hao; nyoloha, o le rue, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse. O se ke wa tshaba, mme o se tshohe.


Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.


O o kokobeditse, a o lapisa, a ntano o fepa ka manna, eo o neng o sa e tsebe pele, eo bontatao ba sa kanga ba e tseba, o tle o tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tswang molomong wa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos