Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba Jehova o re ho Moshe: Bona, ke tla le nesetsa bohobe bo tswang lehodimong, setjhaba se tla tswa se ipokellele ho lekanang letsatsi, ka matsatsi wohle, ke tle ke ba leke, ke bone hore na ba tla tsamaya ka molao wa ka, kapa ho seng jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, ke tla le nesetsa dijo tse tswang lehodimong. Setjhaba se tla tswa, se yo thonaka ho lekaneng letsatsi ka leng, e le hore ke tle ke se leke, ke bone hore na se tla tsamaya ka Molao wa ka kapa tjhe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:4
17 Referencias Cruzadas  

Hobane bakeng sa bona, morena o ne a laetse hore moputso o beilweng o newe dibini, ka tsatsi le leng le le leng.


Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.


O nnile wa ba fa moya wa hao o molemo ho ba hlalefisa; ha o a ka wa tima melomo ya bona manna ya hao, mme wa nna wa ba nea metsi a ho ba nosa.


Yare ha ba kopa, a romela dikwekwe, a ba kgorisa ka bohobe ba lehodimo.


Leha ho le jwalo, wa laela maru hodimo, wa bula menyako ya mahodimo;


Yaba o howeletsa ho Jehova, mme Jehova a mmontsha sefate; a se akgela metsing; yaba metsi a ba monate. A ba beela molao le taelo teng; a ba leka teng,


Bana ba Iseraele ha ba e bona, ba botsana ba re: Ke eng eo? Hobane ba ne ba sa tsebe hoba keng. Yaba Moshe o re ho bona: Ke bona bohobe boo Jehova a le neang bona, hore le bo je.


Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;


o re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;


o re fe, ka matsatsi wohle, bohobe ba rona, bo lekanang letsatsi le leng le le leng;


ba jele bohle sejo se le seng sa moya;


ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos