A bula le ho bolela hore Kreste o ne a tshwanetse ho hlokofatswa, mme a tsohe bafung; le hore Jesu eo ke le bolellang yena ke Kreste.
Yuda 1:3 - Baasraak Sotho NT Baratuwa, leha ke ne ke tjhesehela ka matla ho le ngolla tsa poloko eo re nang le yona, ke ile ka tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa hore le lwane ka matla tumelong eo le e neilweng bahalaledi hang feela. Sesotho 1909/1961 (SO) Baratuwa, erekaha ke tjhesehela ho le ngolla taba tsa poloko, eo re e hlahiseditsweng hammoho, ke phehellwa ke pelo ho etsa jwalo, ke tle ke le kgothatse ho lwanela tumelo eo bahalaledi ba ileng ba e fuwa ka nako e le nngwe. BIBELE Baratuwa, ke ne ke tjhesehela ho le ngolla ka ho pholoswa hoo e leng ha rona bohle. Jwale ka ikutlwa ke tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa ho lwanela tumelo e neilweng bahalaledi hanngwe feela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Baratuwa, leha ke ne ke tjhesehela ka matla ho le ngolla tsa poloko eo re nang le yona, ke ile ka tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa hore le lwane ka matla tumelong eo le e neilweng bahalaledi hang feela. |
A bula le ho bolela hore Kreste o ne a tshwanetse ho hlokofatswa, mme a tsohe bafung; le hore Jesu eo ke le bolellang yena ke Kreste.
Hobane o ne a kgodisa Bajuda ka matla pontsheng, a ba bontsha ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.
Mme ha ho poloko ho e mong, hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo le neilweng batho, leo re ka bolokehang ka lona.
Lentswe la Modimo la ata; mme palo ya barutuwa ya ata haholo Jerusalema; mme letshwele le leholo la baprista la mamela tumelo.
Ananiase a araba, a re: “Morena, ke utlwile ka ba bangata ka monna eo, kamoo a entseng bahalaledi ba hao kateng Jerusalema hampe.
Empa Saule a ’na a ipha matla haholoanyane, ’me a ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, a ba bontša hore enoa ke Kreste.
Hobane pele ho tsohle ke le neile seo le nna ke se amohetseng, ke hore Kreste o shwetse dibe tsa rona, ho ya ka Mangolo;
bao re ileng ra ba nea ka kutlo, tjhe, leha e le ka hora e le nngwe feela; hore nnete ya Evangeli e tle e dule ho lona.
Ha ho Mojuda kapa Mogerike, ha ho lekgoba kapa motho ya lokolohileng, ha ho monna kapa mosadi, hobane kaofela le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.
Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, ba dumelang ho Jesu Kreste:
Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba ho Kreste Jesu ba leng Filipi, le babishopo le madikone:
Feela hore metsamao ya lona e be kamoo e tshwanelang Evangeli ya Kreste kateng, hore leha ke tla ho le bona, leha ke se ke le siyo, ke utlwe ditaba tsa lona, hore le eme le tiile moyeng o le mong, ka kgopolo e le nngwe le lwanela tumelo ya Modimo. evangeli;
Ke ngolla badumedi ba Kolose, badumedi ba leng ho Kreste, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
Empa leha re ne re utlwile bohloko pele, le ho hlabiswa dihlong, jwalokaha le tseba, ha re le Filipi, re ile ra ba sebete ka Modimo wa rona ho le bolella Evangeli ya Modimo ka ntwa e kgolo.
Taelo ena ke o nea yona, Timothea, ngwanaka, ho ya ka diporofeto tse bileng teng pele hodima hao, hore o tle o lwane ntwa e molemo ka tsona;
O tlhabane tlhabano e e molemo ya tumelo, o tshware botshelo jo bo sa khutleng, jo o bo bileditsweng, wa ba wa ipolela boipolelo jo bo molemo fa pele ga basupi ba le bantsi.
Tshwara ka mokgwa wa dipolelo tse phelang, tseo o di utlwileng ho nna, ka tumelo le leratong le ho Kreste Jesu.
Ke ngolla Tite, mora wa ka wa sebele ka tumelo eo re nang le yona, ke re: Eka o mohau, le mohau, le kgotso e tswang ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste Mopholosi wa rona.
Ke a le rapela, banabeso, hore le mamelle lentswe la kgothatso, hobane ke le ngoletse ka bokgutshwanyane.
Leha ho le joalo, le hoja re bua joalo, baratuoa, re kholisehile ka lintho tse molemo ka ho fetisisa le tse tsamaeang le poloko.
Ka Silvanase, ngwaneso ya tshepahalang, kamoo ke nahanang kateng, ke le ngoletse hakgutshwane, ke le kgothatsa, ke paka hore ona ke mohau wa nnete wa Modimo oo le emeng ho wona.
Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla ba amohetseng tumelo ya bohlokwa, e tshwanang le ya rona ka ho loka ha Modimo le Mopholosi wa rona Jesu Kreste:
Ho ka be ho bile molemo ho bona, hoja ba ka be ba sa ka ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le ho e tseba, ba kgelohe taelo e halalelang eo ba e neilweng.
Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba halaleditsweng ke Modimo Ntatae, ba boloketsweng Jesu Kreste, ba bitsitsweng:
Empa lona, baratuwa, le hopole dipolelo tse boletsweng pele ke baapostola ba Morena wa rona Jesu Kreste.
Empa lona, baratuwa, le ikahe tumelong ya lona e halalelang ka ho fetisisa, le rapela ka Moya o Halalelang.
Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba rata bophelo ba bona ho isa lefung.
O se ka wa boifa dilo tse o tla di bogang; bonang, Diabolo o tla latlhela bangwe ba lona mo ntlong ya kgolegelo gore lo lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho ka matsatsi a leshome: o tshepahale ho isa lefung, mme ke tla o nea moqhaka wa bophelo.