Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Yuda 1:4 - Baasraak Sotho NT

4 Gonne go na le batho bangwe ba ba tseneng ka bonyene mo teng ga bone, ba e leng ba ba laotsweng go tswa bogologolong go atlholwa, e le batho ba ba se nang bomodimo, ba ba fetolang bopelotlhomogi jwa Modimo wa rona boitaolo, ba ba itatolang yo o esi, Modimo o o esi, le Morena wa rona Jesu Keresete.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Gonne go na le batho bangwe ba ba tseneng ka bonyene mo teng ga bone, ba e leng ba ba laotsweng go tswa bogologolong go atlholwa, e le batho ba ba se nang bomodimo, ba ba fetolang bopelotlhomogi jwa Modimo wa rona boitaolo, ba ba itatolang yo o esi, Modimo o o esi, le Morena wa rona Jesu Keresete.

Ver Capítulo Copiar




Yuda 1:4
32 Referencias Cruzadas  

Eitse ha batho ba robetse, sera sa hae sa tla, sa jala mofoka hara koro, sa tloha.


Mme bophelo bo sa feleng ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa bohle hore ba kgomarele Morena ka sepheo sa pelo.


Erekaha re utlwile hore ba bang ba tswang ho rona ba le tshwentse ka dipolelo, ba kgelosa meya ya lona, ba re: Le bolle, le boloke molao;


le ka baka la banababo rona ba bohata ba kentsweng ka boithatelo, ba ileng ba kena ka lekunutu ho tla hloela tokoloho ya rona eo re nang le yona ho Kreste Jesu, hore ba tle ba re etse makgoba.


Hobane, banabeso, le bileditswe tokolohong; feela le se ke la sebelisa tokoloho molemong oa nama, empa le sebeletsane ka lerato.


hore re tle re se ke ra hlola re eba bana, ba hehehelwang kwana le kwana, ba fefolwang ke moya o mong le o mong wa thuto, ka mano a batho, ka mano a mano a ho thetsa ka bona;


Empa haeba motho a sa baballe ba habo, haholo ba ntlo ya hae, o latotse tumelo, mme o mobe ho feta ya sa dumeleng.


Haeba re mamella, le rona re tla busa le yena;


Hobane ho ba jwalo ho teng ba kgebellang matlung, ba isang kgolehong basadi ba mawatla ba imetsweng ke dibe, ba hohilweng ke ditakatso tsa mefutafuta.


Le be ba lokolohileng, mme le se ke la sebedisa tokoloho ya lona lesira la lonya, le mpe le le bahlanka ba Modimo.


Le lejwe le kgopang, le lefika la kgopiso, ho ba kgopjwang ke lentswe, ba sa utlwe;


Mme ha ho le thata hore ya lokileng a pholohe, monyefodi le moetsadibe ba tla hlaha kae?


Empa haholoholo ba tsamayang ka nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang puso. Ke baikgohomosi, ke baithati, ha ba tshabe ho nyefola ba hlomphehang;


A pholosa Lota ya lokileng, ya neng a tshwenyehile ka metsamao e ditshila ya ba kgopo.


Empa mahodimo a jwale le lefatshe tsa jwale, di boloketswe mollo ka lentswe lona leo, di boloketswe letsatsi la kahlolo le la timetso ya batho ba kgopo.


Moaki ke mang haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ke antikreste, ya latolang Ntate le Mora.


ho ahlola bohle, le ho kgalemela bohle ba kgopo hara bona ka baka la diketso tsa bona tsa bokgopo, tseo ba di entseng ka bokgopo, le dipolelo tsohle tse thata tseo baetsadibe ba kgopo ba di buileng hodima hae.


Hobane ba le boleletse hore mehleng ya bofelo ho tla ba le basomi, ba tsamayang ka ditakatso tsa bona tsa bokgopo.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena, mme a tlotlisa lebitso la hao? hobane ke wena o nnotshi o halalelang: hobane ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame pela hao; hobane dikahlolo tsa hao di bonahatswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos