Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 12:11 - Baasraak Sotho NT

11 Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba rata bophelo ba bona ho isa lefung.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba re letho ka bophelo ba bona, le ho isa lefung.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba rata bophelo ba bona ho isa lefung.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 12:11
33 Referencias Cruzadas  

Ekare ha motho a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana, le banababo, le dikgaitsedi, le bophelo ba hae, a ke ke a ba morutuwa wa ka.


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna. Mo lefatsheng le tla ba le matshwenyeho: empa betang pelo; Ke hlotse lefatshe.


Empa ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e ntšusumetsang, ’me ha ke nke bophelo ba ka e le ba bohlokoa ho ’na, hore ke tle ke qete leeto la ka ka thabo le tšebeletso eo ke e amohetseng ho Morena Jesu ea ho paka Evangeli ea mohau oa Molimo.


Pauluse a araba, a re: Le etsang, ha le lla, le ho ntlhomola pelo? hobane ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa le ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.


Modimo wa kgotso o tla phakisa o pshatle Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen.


Empa a ho lebohuwe Modimo ya re fang tlholo ka Morena wa rona Jesu Kreste!


Lona bana, le ba Modimo, mme le ba hlotse, hobane ya leng ho lona o fetisa ka boholo ya leng lefatsheng.


Ya hlolang lefatshe ke mang, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?


Ke yena ya pakileng lentswe la Modimo, le bopaki ba Jesu Kreste, le tsohle tseo a di boneng.


Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.


Etlare hobane ba qete bopaki ba bona, sebata se nyolohang sekoting, se tla ba lwantsha, mme se tla ba hlola, se ba bolaye.


Mme drakone ya halefela mosadi, mme ya tloha ho ya lwantsha masala a leloko la hae, ba bolokang ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.


Yaba ke itihela maotong a hae ho mo kgumamela. A re ho nna: Bona, o se ke wa etsa jwalo;


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, mme ke tla mo fa lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho ngotswe lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ya le amohelang.


Ya hlolang, mme a boloka mesebetsi ya ka ho isa qetellong, ke tla mo nea matla hodima ditjhaba.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja sefate sa bophelo, se kahara paradeise ya Modimo.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa, mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha. ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka: mme ke tla ngola hodima hae lebitso la ka le letjha.


Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Ya hlolang o tla apeswa diaparo tse tshweu; mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.


Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolailweng ka baka la lentswe la Modimo, le bopaki boo ba neng ba na le bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios