La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 9:9 - Baasraak Sotho NT

Eitse ha Jesu a tloha teng, a tloha moo, a bona monna ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A ema, a mo latela.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!” Matheu a ema, mme a mo latela.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse ha Jesu a tloha teng, a tloha moo, a bona monna ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A ema, a mo latela.

Ver Capítulo



Mattheu 9:9
16 Referencias Cruzadas  

Filipi le Bartholome; Thomase, le Mattheu molekgetho; Jakobo, mora Alfea, le Lebea, ya bitswang Thaddea;


A re ho bona; Le lona eyang tshimong ya morara, mme ke tla le nea se lokileng. Mme ba tsamaya.


Jesu a re ho yena: Ntatele; mme o lese bafu ba epele bafu ba bona.


Yare ha Jesu a dutse dijong ka tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba tla, ba dula le yena le barutuwa ba hae.


le Andrease, le Filipi, le Bartholome, le Mattheu, le Thomase, le Jakobo, mora Alfea, le Thaddea, le Simone wa Mokanana,


Mattheu le Thomase, Jakobo mora Alfea, le Simone ya bitswang Selote,


Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.


ho senola Mora wa hae ka ho nna, ke tle ke bolele molaetsa wa hae hara ditjhaba; hang ha ke a ka ka rerisana le nama le madi.