Mattheu 9:38 - Baasraak Sotho NT Ka hona rapelang Morena wa kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Rapelang ke hona Morena wa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae. BIBELE ka baka leo, rapelang monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka hona rapelang Morena wa kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae. |
Na ha le re: Ho sa setse dikgwedi tse nne, pele ho tle kotulo? bonang, ke re ho lona: Emisang mahlo a lona, le talime masimo; hobane di se di sweufetse bakeng sa kotulo.
Yare ha ba ntse ba sebeletsa Morena, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bileditseng wona.
Mme Modimo o behile ba bang ka phuthehong, pele baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba mehlolo, ho ntoo ba dineo tsa phodiso, le dithuso, le mebuso, le dipuopuo tse fapaneng.
A nea ba bang hore e be baapostola; mme ba bang, baporofeta; mme ba bang, baevangedi; mme ba bang badisa le baruti;
Qetellong, banabeso, le re rapelle, hore lentswe la Morena le tle le tswele pele, mme le tlotliswe, jwalokaha le le ho lona.