Mattheu 9:19 - Baasraak Sotho NT Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o a tloha, a ya le yena, le barutuwa ba hae. BIBELE Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae ba ya le yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae. |
A re a sa ba bolella taba tseo, bonang, ha fihla mmusi e mong, a mo kgumamela, a re: Moradi wa ka o se a shwele;
Mme, bonang, mosadi ya neng a tshwerwe ke phallo ya madi ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, a tla kamora hae, a ama qola ya seaparo sa hae.
Jesu a re ho bona: Dijo tsa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.
Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.