La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 8:31 - Baasraak Sotho NT

Yaba batemona ba mo rapela, ba re: Ha o ka re leleka, re dumelle hore re ye mohlapeng wa dikolobe.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Batemona ba mo rapela, ba re: Ha o re leleka mona, o re romele mohlapeng wa dikolobe.

Ver Capítulo

BIBELE

Bademona ba rapela Jesu, ba re: “Ha o re leleka mona, o mpe o re romele mohlapeng wane wa dikolobe.”

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yaba batemona ba mo rapela, ba re: Ha o ka re leleka, re dumelle hore re ye mohlapeng wa dikolobe.

Ver Capítulo



Mattheu 8:31
9 Referencias Cruzadas  

Tumo ya hae ya utlwahala naheng yohle ya Siria, mme ha tliswa ho yena bohle ba kulang, ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta, le mahloko, le ba nang le batemona, le ba tshwerweng ke bolwetsi, le ba shweleng ditho; mme a ba fodisa.


Le se ke la nea dintja se halalelang, mme le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere tsa di hatakela ka maoto, mme tsa sokoloha, tsa le harola.


Ho ne hole le bona mohlape wa dikolobe tse ngata o fula.


A re ho bona: Eyang. Yare ha di etswa, tsa kena mohlapeng wa dikolobe, mme, bonang, mohlape wohle wa dikolobe wa mathela moepa lewatleng, wa shwela metsing.


Batemona bohle ba mo rapela, ba re: Re romele dikolobeng, re tle re kene ho tsona.


A howa ka lentswe le leholo, a re: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke o hlapantsha ka Modimo, hore o se ke wa ntlhokofatsa.


Ka baka leo, thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng! hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, kahobane a tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.