Mattheu 8:26 - Baasraak Sotho NT A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo. Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, le boi keng na? Yaba o ema, a kgalemela meya le lewatle; mme kgutso e kgolo ya eba teng. BIBELE A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo. |
Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; mme e tla tloha; mme ha ho letho le le sitang.
Ha ho le jwalo, ekare ha Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping, na a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?
Empa banna bao ba makala, ba re: Enwa ke motho wa jwang eo le meya le lewatle di mo utlwang?
Jesu a se kgalemela, a re: Homola, o tswe ho yena! Eitse hobane modemona a mo dihele hara bona, a tswa ho yena, a se ke a mo ntsha kotsi.
Ha aa ka a thekesela tšepisong ea Molimo ka ho se lumele; empa a tiya tumelong, a tlotlisa Modimo;
Le ne le tshwere buka e nyenyane letsohong la lona: mme la beha leoto la lona le letona hodima lewatle, le le letshehadi lefatsheng.