E mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Morena, ntumelle hore ke ye ho pata ntate pele.
Mattheu 8:22 - Baasraak Sotho NT Jesu a re ho yena: Ntatele; mme o lese bafu ba epele bafu ba bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a re ho yena: Ntatele, o lese bafu ba epele bafu ba bona. BIBELE Jesu a re ho yena: “Ntatele, lesa bafu ba pate bafu ba bona.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho yena: Ntatele; mme o lese bafu ba epele bafu ba bona. |
E mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Morena, ntumelle hore ke ye ho pata ntate pele.
Eitse ha Jesu a tloha teng, a tloha moo, a bona monna ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A ema, a mo latela.
Eitse ha a feta, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A tsoha, a mo latela.
Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme o boetse o a phela; o ne a lahlehile, mme o fumanwe. Mme ba qala ho thaba.
Ho ne ho loketse hore re thabe, mme re thabe, hobane ngwaneno enwa o ne a shwele, mme o boetse o a phela; mme o ne a lahlehile, mme o fumanwe.
Ka hosasane, Jesu a rata ho tswela Galilea, mme a fumana Filipi, mme a re ho yena: Ntatele.
O ne a bua hona, a bontsha lefu leo a tla tlotlisa Modimo ka lona. Eitse hobane a bolele hoo, a re ho yena: Ntatele.
Jesu a re ho yena: Ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? ntatele wena.
Leha re ne re shwele dibeng, o re phedisitse hammoho le Kreste, (le bolokehile ke mohau;)
Ke ka baka leo ho thoeng: Tsoha, uena ea robetseng, u tsohe bafung, ’me Kreste o tla u bonesetsa.
Le lona ba neng ba shwele dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle.