Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;
Mattheu 7:13 - Baasraak Sotho NT Kenang ka monyako o patisaneng; Sesotho 1909/1961 (SO) Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako wa timelo o hebehebe, le tsela e yang teng e phatlaletse, mme ba kenang teng ba bangata. BIBELE “Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kenang ka monyako o patisaneng; |
Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;
Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae;
Bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.
Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e isang bophelong e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae.
Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong wa lona ya sa lahleng tsohle tseo a nang le tsona, a ke ke a ba morutuwa wa ka.
Eitse ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: Rabbi, ho hotle ha re ka dula mona; e mong e be wa hao, e mong e le wa Moshe, e mong e be wa Elia, a sa tsebe seo a se bolelang.
Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.
Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;
Ho ka ba jwang ha Modimo, ka ho rata ho bonahatsa kgalefo ya wona, le ho tsebahatsa matla a wona, o ile wa mamella ka mamello e kgolo dijana tsa kgalefo tse lokiseditsweng timelo?
E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.
Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, ho bolela Jehova, le se ke la ama sesila; mme ke tla le amohela,
bao qetello ya bona e leng timelo, bao Modimo wa bona e leng mpa ya bona, le kganya ya bona e leng dihlong tsa bona, ba nahanang tsa lefatshe.
Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.
Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.
Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.
La e lahlela sekoting, la e kwalla, mme la tiisa hodima yona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, ho fihlela dilemo tse sekete di phetheha;