Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 7:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Kenang ka monyako o patisaneng;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako wa timelo o hebehebe, le tsela e yang teng e phatlaletse, mme ba kenang teng ba bangata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 “Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Kenang ka monyako o patisaneng;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 7:13
38 Referencias Cruzadas  

Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;


Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae;


Bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


A re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


Ka hona, hlahisa litholoana tse tšoanelang pako.


Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e isang bophelong e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae.


Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong wa lona ya sa lahleng tsohle tseo a nang le tsona, a ke ke a ba morutuwa wa ka.


Eitse ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: Rabbi, ho hotle ha re ka dula mona; e mong e be wa hao, e mong e le wa Moshe, e mong e be wa Elia, a sa tsebe seo a se bolelang.


Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo;


Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;


Ho ka ba jwang ha Modimo, ka ho rata ho bonahatsa kgalefo ya wona, le ho tsebahatsa matla a wona, o ile wa mamella ka mamello e kgolo dijana tsa kgalefo tse lokiseditsweng timelo?


E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, ho bolela Jehova, le se ke la ama sesila; mme ke tla le amohela,


Mme ba e leng ba Kreste ba thakgisitse nama le dithato le ditakatso.


Bao qetello ya bona e leng timelo, bao Modimo wa bona e leng mpa ya bona, le kganya ya bona e leng dihlong tsa bona, ba nahanang tsa lefatshe.


Mme re a tseba hore re ba Modimo, mme lefatshe lohle le rapaletse matleng a e mobe.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


La e lahlela sekoting, la e kwalla, mme la tiisa hodima yona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, ho fihlela dilemo tse sekete di phetheha;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos