Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo.
Mattheu 5:28 - Baasraak Sotho NT Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae. BIBELE Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae. |
Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo.
Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya halefelang ngwanabo ntle ho lebaka, o tla tshwanelwa ke kahlolo; o tla ba kotsing ya mollo wa dihele.
Hobane re a tseba hoba molao ke wa moya; empa nna ke wa nama, ke rekisitswe tlasa sebe.
Ba na le mahlo a tletseng bofebe, ba ke keng ba kgaotsa sebe; ba kgelosang meya e sa tsitsang: pelo e tlwaetseng ho chacheha ka mohono; bana ba rohakiloeng:
Hobane tsohle tse lefatsheng, takatso ya nama, le takatso ya mahlo, le boikgantsho jwa bophelo, ha di tswe ho Ntate, empa di tswa lefatsheng.