A o re, nka se kgone ho rapela Ntate jwale, mme o tla akofa a nnea dilegione tse fetang leshome le metso e mmedi tsa mangeloi?
Mattheu 4:11 - Baasraak Sotho NT Yaba Diabolosi o a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a tla, a mo sebeletsa. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Diabolose a mo tlohela; mme bonang, mangeloi a atamela Jesu, a mo sebeletsa. BIBELE Jwale Diabolosi a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a atamela, a mo sebeletsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Diabolosi o a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a tla, a mo sebeletsa. |
A o re, nka se kgone ho rapela Ntate jwale, mme o tla akofa a nnea dilegione tse fetang leshome le metso e mmedi tsa mangeloi?
A re ho yena: Ha o le Mora wa Modimo, itihele fatshe; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla laela mangeloi a hae bakeng sa hao; lejoe.
A hlola feelleng matsatsi a mashome a mane, a ntse a lekwa ke Satane; mme o ne a na le dibatana; mme mangeloi a ne a mo sebeletsa.
Ha ke ne ke ena le lona ka tsatsi le leng le le leng ka Tempeleng, ha le a ka la nkenya matsoho, empa ena ke nako ya lona, le matla a lefifi.
Ho tloha jwale ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane morena wa lefatshe lena o a tla, mme ha a na letho ho nna.
Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.
Na kaofela hase meya e sebeletsang, e rometsweng ho sebeletsa bao e tla ba majalefa a poloko?
Hape, ha a tlisa Mora wa letsibolo lefatsheng, o re: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.