Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla robeha, empa mang kapa mang eo le mo welang, le tla mo sila.
Mattheu 27:25 - Baasraak Sotho NT Yaba batho bohle ba araba, ba re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona. Sesotho 1909/1961 (SO) Setjhaba kaofela sa araba, sa re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona. BIBELE Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba batho bohle ba araba, ba re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona. |
Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla robeha, empa mang kapa mang eo le mo welang, le tla mo sila.
Eitse ha ba hana, ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; Ke hlwekile: ho tloha jwale ke tla ya ho Baditjhaba.
A re: “Na ha re a ka ra le laela ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? mme bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rerile ho tlisa madi a monna enwa hodima rona.
Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bontata lona? mme ba bolaile ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng; eo jwale le leng baeki le babolai ba hae;