Mattheu 26:63 - Baasraak Sotho NT Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo. BIBELE Empa Jesu a kgutsa. Moprista e Moholo a re ho yena: “Ke re o hlapanye ka Modimo ya phelang, o re bolelle hore na o Kreste, Mora Modimo.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo. |
Moprista e moholo a ema, a re ho yena: Na ha o arabe letho na? Ke eng seo baa ba se pakang khahlanong le uena?
ba re: Wena ya heletsang tempele, mme o e hahe ka matsatsi a mararo, ipholose! Ha o le Mora wa Modimo, theoha sefapanong.
Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo.
Mme moleki a tla ho yena, a re: Ha o le Mora wa Modimo, laela majwe ana hore e be bohobe.
Empa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e Moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokwang?
Yaba Bajuda ba mo teela hare, ba re ho yena: O tla re belaella ho fihlela neng? Haeba u Kreste, re bolelle ka ho hlaka.
Le re ka yena eo Ntate a mo halaleditseng, mme a mo romela lefatsheng, o re: O a nyefola; hobane ke itse, ke Mora wa Modimo?
Pilato a re ho yena: Ha ho le jwalo, na o morena na? Jesu a araba, a re: Ke wena o reng ke morena. Ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pakele nnete. E mong le e mong wa nnete o utlwa lentswe la ka.
Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o tshwanetse ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.
Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.
Ba re ho yena: O mang? Jesu a re ho bona: Ke sona seo ke le boleletseng sona esale ho qaleng.
Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silefano le Timothea, ha a ka a eba e le tjhe, empa e ne e le E ho yena.
Enereha a hlapawa, a se ke a boela a hlapaola; mohla a hlokofatswang, ha a ka a tshosa; empa o ne a ipeile ya ahlolang ka ho loka;