La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 26:39 - Baasraak Sotho NT

A fetela pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ha ho ka etswa, senwelo sena se fetele ho nna;

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!

Ver Capítulo

BIBELE

A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

A fetela pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ha ho ka etswa, senwelo sena se fetele ho nna;

Ver Capítulo



Mattheu 26:39
27 Referencias Cruzadas  

Empa Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. A le ka nwa senwelo seo ke tla se nwa, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na? Ba re ho yena: Re ka kgona.


Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka; hoo, hola ke ntho e ka etswang, ba ka thetsang le bona bakgethwa.


A boela a tloha kgetlo la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ha senwelo sena se ke ke sa feta ho nna, ha ke sa se nwe, ho etswe thato ya hao.


Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo le meeka, ho kgelosa le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


A itihela fatshe ka sefahleho maotong a hae, a mo leboha; mme e ne e le Mosamaria.


Joale ba tlosa lejoe moo mofu a neng a behiloe teng. Yaba Jesu o emisa mahlo a hae, a re: Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwe.


Empa hore lefatshe le tsebe hoba ke rata Ntate; mme jwalokaha Ntate a ntaetse, ke etsa jwalo. Tsohang, re tlohe mona.


Yaba Jesu o re ho Petrose: Kenya sabole ya hao selateng;


Jesu a araba, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang Ntatae a se etsa;


Nke ke ka etsa letho ka bonna; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile; hobane ha ke batle thato ya ka, empa ke batla thato ya ya nthomileng.


Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa thato ya ka, empa ho etsa thato ya ya nthomileng.


Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela.


Mme a fumanwa ka sebopeho sa motho, a ikokobetsa, mme a mamela ho isa lefung, e leng lefu la sefapano.


Yena mehleng ya nama ya hae, ha a ne a nyehela merapelo le merapelo ka sello se matla le ka meokgo ho ya neng a ka kgona ho mo pholosa lefung, mme a utluwa ka ho tshaba ha hae;


Yaba ke itihela maotong a hae ho mo kgumamela. A re ho nna: Bona, o se ke wa etsa jwalo;