Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:24 - Baasraak Sotho NT

24 Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka; hoo, hola ke ntho e ka etswang, ba ka thetsang le bona bakgethwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka; hoo, hola ke ntho e ka etswang, ba ka thetsang le bona bakgethwa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:24
31 Referencias Cruzadas  

Hobane ba bitsitsweng ba bangata, empa ba kgethilweng ha ba bakae.


Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla kgelosa ba bangata.


Hoja matsatsi ao a se ke a kgutsufatswa, ho ka be ho se motho ya tla pholoha, empa ka baka la bakgethwa matsatsi ao a tla kgutsufatswa.


Bonang, ke le boleletse pele.


O tla roma mangeloi a hae ka modumo o moholo wa terompeta, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe.


Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste; mme ba tla kgelosa ba bangata.


Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le diphiri tse harolang.


Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo le meeka, ho kgelosa le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Na Modimo o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba mo bitsang motsheare le bosiu, leha o dieha ho ba mamella?


Jesu a re ho yena: Ha le sa bone mehlolo le meeka, le ke ke la dumela.


Bohle bao Ntate a nneyang bona ba tla tla ho nna; mme ya tlang ho nna nke ke ka mo leleka.


Ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se ke ka lahlehelwa ke letho ho tsohle tseo a nneileng tsona, empa ke tle ke di tsose ka letsatsi la ho qetela.


Pauluse o ne a rerile ho feta Efese ka sekepe, e le hore a tle a se ke a qeta nako Asia;


Ha ho ka etswa ka ho lona, le phele ka kgotso le batho bohle.


E kae he, lehlohonolo leo le neng le bua ka lona? gonne ke a lo naya bosupi, gore, fa go ne go ka kgonega, lo ka bo lo gomotse matlho a lona, mme lwa nnaya one.


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o tiile, o nang le tiiso ena: Morena o tseba ba hae. Hape, e mong le e mong ya bolelang lebitso la Kreste a ke a furalle bokgopo.


Lona ba le boloketsweng ka matla a Modimo ka tumelo ho isa polokong e lokiseditsweng ho senolwa nakong ya bofelo.


Ha ho le jwalo, lona, baratuwa, erekaha le tsebile taba tseo pele, iponeleng, le tle le se ke la kgeloswa ke timelo ya ba kgopo, la wa ho tiiseheng ha lona.


Bana, ke nako ya bofelo, mme jwalokaha le utlwile hore antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba le teng; ka hona re tsebang hobane ke nako ya ho qetela.


Moaki ke mang haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ke antikreste, ya latolang Ntate le Mora.


Re a tseba hore e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.


Sebata sa tshwarwa, hammoho le moporofeta wa bohata, ya entseng mehlolo pela sona, eo ka yona a kgelositseng ba amohetseng letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Bao ka bobedi ba akgelwa ba ntse ba phela letsheng la mollo o tukang sebabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos