Mattheu 24:6 - Baasraak Sotho NT Le tla utlwa dintwa le menyenyetsi ya dintwa, le hlokomele hore le se tshohe; Sesotho 1909/1961 (SO) Le tla utlwa dintwa le medumo ya dintwa; le mpe le bone hore le se ke la tshoha; tseo tsohle e ka kgona di etsahale, empa le moo ha e eso ho be bona bofelo. BIBELE Le tla utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa. Hlokomelang, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tla utlwa dintwa le menyenyetsi ya dintwa, le hlokomele hore le se tshohe; |
Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.
Empa ha le utlwa ka dintwa le meferefere, le se ke la tshoha; empa bofelo ha bo tle ka pele.
Hobane ke re ho lona: Se ngodilweng e sa ntse e tla phetheha ho nna, ha ho thwe: O badilwe le bakgopo;
Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; A dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se ke tsa tshoha.
Le tle le se ke la phakisa la sisinyeha mehopolong, leha e le ho tshoswa, leha e le ka moya, leha e le ka dipolelo, leha e le ka lengolo le tswang ho rona, kamoo letsatsi la Kreste le atamelang kateng.
Mme ha tswa pere e nngwe e kgubedu, mme ya e kaletseng a newa matla a ho tlosa kgotso lefatsheng, le hore batho ba bolayane, mme a newa sabole e kgolo.